Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
Luka 1:22 - BIBELE Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu. Baasraak Sotho NT Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone pono ka tempeleng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone pono ka tempeleng; |
Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.
Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele.
Ha molaodi a mo dumeletse, Paulosi a ema mehatong e nyolohang ya monyako, a phoka setjhaba ka letsoho. Ha ho se ho kgutsitse tuu! a bua le bona ka Seheberu, a re: