Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Yare ha a etswa, a se a sitwa ho bua le bona, yaba ba elellwa hore o bone pono ka Tempeleng; yena a ba lekanyetsa, mme a sala e le semumu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone pono ka tempeleng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone pono ka tempeleng;

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:22
8 Referencias Cruzadas  

Ke tla manamisa leleme la hao lehanong la hao, hore o tle o be semumu, mme ho bona o se ke wa ba mokgalemedi, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Batho bona ba ne ba ntse ba lebeletse Sakaria kantle, ba maketse ke ho dieha ha hae ka tempeleng.


Yare matsatsi a tshebetso ya hae ha a fedile, a tloha, a kgutlela tlung ya hae.


Yaba ba lekanyetsa ntatae hore a ba tsebise lebitso leo a ratang ba ka mo rea lona.


Yaba Simone Petrose o mo nyemotsa, hore a botse hoba o bolela mang.


A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.


Jwale ba ntsha Aleksandere hara bongata, a sutuletswa pele ke Bajuda; Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela ho setjhaba.


Eitse hobane a mo lesele, Pauluse ha a ntse a eme methating, a hwehla batho ka letsoho, mme ha ho itswe tu haholo, a bua ka puo ya Seheberu, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos