Luka 1:18 - BIBELE Sakariya a re ho lengeloi: “Ke tla tseba taba eo kang, kaha ke hodile, le mohatsa ka a tsofetse?” Sesotho 1909/1961 (SO) Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse. Baasraak Sotho NT Sakaria a re ho lengeloi: Taba eo ke tla e tseba jwang? hobane ke se ke tsofetse, mme mosadi wa ka o se a tsofetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Sakaria a re ho lengeloi: Taba eo ke tla e tseba jwang? hobane ke se ke tsofetse, mme mosadi wa ka o se a tsofetse. |
Aborahama a itihela fatshe ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong: “Na monna ya dilemo di lekgolo a ka tswala ngwana? Kapa na Sara a ka hlola a eba le ngwana a le dilemo di mashome a robong?”
Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?”
Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”
Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?”
Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.
Ha a a ka a fokola tumelong, ha a nahana hore e se e le mobu, kaha a ne a le dilemo tse ka bang lekgolo, le hore Sara a ke ke a hlola a pepa.