La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 1:12 - BIBELE

Ha Sakariya a le bona, a tshoha, a tshwarwa ke tshabo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Sakaria ha a le bona, a tshoha, mme tshabo ya mo wela hodimo.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ya re Sakaria a mmona a tshoga, mme poifo ya mo wela.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ya re Sakaria a mmona a tshoga, mme poifo ya mo wela.

Ver Capítulo



Luka 1:12
9 Referencias Cruzadas  

Ke nna feela ya ileng a bona pono ena. Banna ba neng ba eme le nna bona ha ba a ka ba e bona, empa ba ile ba tshoha haholo hoo ba ileng ba baleha, ba ya ipata.


Ha ba kena ka lebitleng, ba bona mohlankana ya dutseng ka lehlakoreng le letona, a apere seaparo se sesweu, mme ba makala.


A kgathatseha ke polelo eo, mme a ipotsa hore na tumediso eo ke ya mofuta ofe.


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”


Ha Gideone a lemoha hore e ne e le lengeloi la Morena, a re: “Oho, Morena Modimo, ke bone lengeloi la hao fahleho di tadimane!”