Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”
Haeba motse oo o amohela dipallo tseo tsa kgotso, mme o le dumella hore le kene ho wona, batho bohle ba fumanwang ka ho wona e tla ba makgoba a lona, mme ba tla le sebeletsa.
Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”
Jwale baholo ba setjhaba sa rona, le baahi bohle ba naha ya rona, ba re: ‘Nkang mofao, le tsamaye, le yo ba kgahlanyetsa, le re ho bona: Re bahlanka ba lona, mme re le kopa ho etsa selekane le rona.’
Empa ho tloha ka lona letsatsi leo, Joshua a ba etsa makgoba a rwallelang setjhaba patsi, a se kgellang metsi, le a rwallelang aletare ya Morena patsi, le a e kgellang metsi sebakeng seo Morena a tla se kgetha, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.