Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:11 - BIBELE

11 Jwale baholo ba setjhaba sa rona, le baahi bohle ba naha ya rona, ba re: ‘Nkang mofao, le tsamaye, le yo ba kgahlanyetsa, le re ho bona: Re bahlanka ba lona, mme re le kopa ho etsa selekane le rona.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Baholo ba rona le bohle ba ahileng haeso ba re boleletse, ba re: Nkang mofaho wa tsela matsohong a lona, le ye le ba kgahlanyetse, le re ho bona: Re bahlanka ba lona; hlabang selekane le rona jwale.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:11
9 Referencias Cruzadas  

Nkang tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le busetse le tjhelete e neng e kgutle e kentswe mekotleng ya lona, mohlomong e ne e kgutle ka phoso.


Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”


Naheng e nngwe le e nngwe le motseng o mong le o mong, moo taelo ya kgosi le molao wa yona o ileng wa fihla teng, Bajuda ba thaba, ba nyakalla, ba keteka, ya eba letsatsi le monate. Baahi ba bangata ba naha eo ba ipitsa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Bajuda.


a re ho bona: “Le se ke la nka letho ha le eta, leha e le lere, leha e le mokotlana, leha e le bohobe, leha e le tjhelete, leha e le diaparo tse pedi motho ka mong.


“Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: ‘Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.’ ”


Re utlwile le seo a se entseng ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote.


Bohobe bona ba rona bo ne bo sa tjhesa ha re bo nka malapeng a rona, re etsa mofao, mohla letsatsi leo ka lona re neng re kena leetong la ho tla ho wena, empa jwale ako bone: Bo se bo le dikokotwana, bo le hlobo.


Ba araba Joshua, ba re: “Re bahlanka ba hao.” Joshua a ba botsa hape, a re: “Le bo-mang? Hona le tswa kae?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos