Joshua 9:19 - BIBELE Mahosana wohle a re ho setjhaba sohle: “Kaha re ba hlapanyeditse ka Morena Modimo wa Iseraele, re ke ke ra ba ntsha kotsi. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba dihlooho tsohle di re ho phutheho yohle: Re ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; jwale, re ke ke ra ba etsa hampe. |
Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.
ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”
Empa bana ba Iseraele ba se ke ba ba bolaya, hobane mahosana a setjhaba a ne a hlapanyeditse Bagibeone ka Morena Modimo wa Iseraele. Setjhaba sohle sa korotlela mahosana.
Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.”