Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.
Joshua 8:9 - BIBELE Joshua a ba romela jwalo. Ba ya moo ba tla lalla teng, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Empa Joshua yena a hlola bosiu boo le bahlabani ba bang. Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a ba roma, ba ya mekgahlelong, ba ema dipakeng tsa Bethele le Ai, ka nqa bophirimela ho Ai; Joshua yena a hlola bosiu bona le setjhaba. |
Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.
Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai.
Joshua a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bokella bahlabani, a nyolohela Ai; yena le baholo ba Iseraele ba eteletse bahlabani pele.
A nka bahlabani ba ka bang kete tse hlano, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai.
Ha le se le o hapile, le tla o tjhesa ka mollo; le etse jwalo ho ya ka taelo ya Morena. Jwale ke le laetse!”