Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:2 - BIBELE

2 Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:2
18 Referencias Cruzadas  

Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.


Sebaka seo a se rea lebitso la Bethele; athe pele motse oo o ne o bitswa Lose.


A bea modimo o mong Bethele, o mong a o bea Dane.


Ditloholo tsa Benjamine, tse neng di etswa Geba, di ne di ahile Mikemase, le Aya, le Bethele le metsaneng ya yona,


Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.


O lwana ntwa o itokiseditse yona hantle, o e hlole ka ho eletswa ke ba bangata.


Sera se hapile Aiata, sa pholletsa hara Migerone, sa boloka thoto ya sona Mikemase.


“Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae.


“Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang!


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale,


Ha bolawa kgosi ya Jeriko, le kgosi ya Ai e pela Bethele,


Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene.


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Ha ba kgutlela ho Joshua, ba re ho yena: “O se ke wa romela bahlabani bohle. Romela bahlabani ba ka bang kete tse pedi kapa ba ka bang kete tse tharo ho futuhela Ai. O se ke wa kgathatsa bahlabani bohle ho ya moo, hobane baahi ba Ai ba mmalwana.”


Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.


Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.


E ne e le mpho ya ba Bethele, le ba ka borwa ho Ramote, le ba Jatire,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos