Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.
Joshua 8:7 - BIBELE Jwale lona le tla tswa moo le ipatileng teng, le hape motse. Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka wona matsohong a lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke hona le tla tsoha mekgahlelong, le kene motse, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla o neela matsohong a lona. |
Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.
Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae.
Ba tla re phaladisa ho fihlela re ba hulela thoko le motse, hobane ba tla re: ‘Batho bana ba re baleha jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele,’ mme rona re tla fela re ba balehe.
Ha le se le o hapile, le tla o tjhesa ka mollo; le etse jwalo ho ya ka taelo ya Morena. Jwale ke le laetse!”
Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.”