Kgosi ya tsoha hara bosiu, ya re ho bahlanka ba yona: “Jwale ke tla le bolella seo Baarame ba re entseng sona. Ba a tseba hore re a lapa; ka baka leo, ba tlohile diahelong tsa bona, ba ya ipata hara naha, ba re: ‘Etlare ha ba etswa motseng re ba tshware ba ntse ba phela, ebe re kena motseng.’ ”
Jeroboame a romela bahlabani ba bang hore ba eo ba lalla kamorao; kahoo mabotho a hae a ne a le kapele ho mabotho a naha ya Juda, mme ba laletseng ba le kamorao ho wona.
Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”
Yaba Joshua o tsamaya jwalo, a ena le bahlabani bohle, o ya Ai. Joshua a kgetha mokgetho wa dinatla tsa bahale ba dikete tse mashome a mararo, mme ba futuha hara bosiu.
Banna bohle ba Iseraele ba phahama moo ba neng ba le teng, ba thea theko ya ntwa, ba le Baale-Tamare. Banna ba Iseraele ba neng ba laletse ba tswa moo ba neng ba le teng, ka bophirimela ho Geba.
Ba morabe wa Benjamine ba bona hore ba hlotswe. Banna ba Iseraele ba tjhetjha kapele ho ba morabe wa Benjamine, hobane ba ne ba tshepile banna ba neng ba laletse ho potapota Gibea.
Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke hopola seo Baamaleke ba ileng ba se etsa ho Baiseraele, kamoo ba neng ba ba thibele tsela kateng, ha Baiseraele ba ne ba nyoloha Egepeta.