Yaba Saule o bitsa setjhaba, mme o se bala se le Telaime. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mabedi; ba morabe wa Juda e le banna ba dikete tse leshome.
Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.