Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.
Joshua 8:24 - BIBELE Ha Baiseraele ba qetile ho bolaya baahi bohle ba Ai hara naha, le hara lehwatata moo ba neng ba ile ba ba phaladisetsa teng, mme bohle ba bolailwe ka sabole ho fihlela ba timela, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya masalla wohle ka sabole. Sesotho 1909/1961 (SO) Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo. |
Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.
Banna bohle le basadi bohle ba ileng ba bolawa tsatsing leo, e ne e le dikete tse leshome le metso e mmedi, e leng batho bohle ba Ai.
Ba morabe wa Benjamine ba baleha banna ba Baiseraele, ba nka tsela e lebang lehwatateng, empa dira tsa ba bea merebele, mme ba neng ba etswa motseng ba kena hara bona, ba ba fekefa.