Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:23 - BIBELE

23 Empa kgosi ya Ai yona ba e tshwara e ntse e phela, ba e isa ho Joshua.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 mme ba ba bolaya, ho se ke ha tlola motho le a mong ya phelang, leha e le ya phonyohileng. Le morena wa Ai ba mo tshwara a sa phela, ba mo tlisa ho Joshua.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:23
7 Referencias Cruzadas  

Joshua a tsebiswa, ha thwe: “Dikgosi tse hlano di fumanwe di ipatile ka lehaheng la Makeda.”


Jwale Joshua a re: “Tlosang majwe molomong wa lehaha, le ntshe dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, le di tlise ho nna.”


Le balalli ba tswa motseng, ba kgahlanyetsa banna ba Ai. Kahoo Baiseraele ba ba etsetsa sakanalankope, ba ba hlaha ka mahlakoreng wohle. Ba ba bolaya, ho fihlela ho sa sala le ya mong, ho sa phonyoha le ya mong.


Ha Baiseraele ba qetile ho bolaya baahi bohle ba Ai hara naha, le hara lehwatata moo ba neng ba ile ba ba phaladisetsa teng, mme bohle ba bolailwe ka sabole ho fihlela ba timela, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya masalla wohle ka sabole.


A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos