Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:22 - BIBELE

22 Le balalli ba tswa motseng, ba kgahlanyetsa banna ba Ai. Kahoo Baiseraele ba ba etsetsa sakanalankope, ba ba hlaha ka mahlakoreng wohle. Ba ba bolaya, ho fihlela ho sa sala le ya mong, ho sa phonyoha le ya mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 le bane ba tswa motseng ho teana le bona; ebile ba Ai ba teelwa ke Baiseraele hare, ba bang ka kwano, ba bang ka kwana;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:22
10 Referencias Cruzadas  

Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.


Tsohle tse neng di le kahara motse ba di ripitla ho hang ka sabole: banna le basadi, batjha le maqheku, le kgomo, le nku, le tonki.


Ha Joshua le Baiseraele bohle ba bona hore balalli ba hapile motse, le hore mosi o tswang motseng o foqohela hodimo, ba boya sekwele, ba bolaya banna ba Ai.


Empa kgosi ya Ai yona ba e tshwara e ntse e phela, ba e isa ho Joshua.


Ha le se le o hapile, le tla o tjhesa ka mollo; le etse jwalo ho ya ka taelo ya Morena. Jwale ke le laetse!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos