A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.
Joshua 8:20 - BIBELE Ha banna ba Ai ba hetla morao, ba bona mosi o tswang motseng o foqohela hodimo. Ba tsherehana, ba sitwa ho balehela kae kapa kae. Batho ba neng ba balehela lehwatateng ba kgutla sekwele, ba boyana le baphaladisi ba bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ba Ai ba reteleha, ba bona mosi o etswa motseng, o nyolohela lehodimong, ba sitwa ho balehela kae le kae. Ba neng ba balehela nqa lefeelleng ba boya ho tla lwantsha ba ba phallelang. |
A tadima nqa Sodoma le Gomora, le nqeng tsohle tsa phula, mme a bona mosi o foqoha fatshe jwaloka mosi wa sebopi.
Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”
E ke ke ya tingwa motsheare le bosiu, mosi wa yona o tla foqoha kamehla yohle. Naha e tla ba nanaola ka mengwaha yohle, ha ho ya sa tla feta hara yona.
Bahlabani ba laletseng ba raoha kapele moo ba ipatileng teng, mme hanghang hoba Joshua a supe ka lerumo la hae ba matha, ba kena motseng, ba o hapa, ba potlakela ho o tjhesa ka mollo.
Ha Joshua le Baiseraele bohle ba bona hore balalli ba hapile motse, le hore mosi o tswang motseng o foqohela hodimo, ba boya sekwele, ba bolaya banna ba Ai.
“Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.
Ho ne ho ena le tumellano ya pontsho pakeng tsa banna ba Iseraele le ba neng ba laletse, ya hore ha mosi o foqoha motseng,
Mosi wa foqoha motseng o entse leru le lopaletseng. Ha ba morabe wa Benjamine ba hetla, ba bona motseng ho foqoha mosi o lebang hodimo.
Jwale banna ba Iseraele ba boya sekwele, ba morabe wa Benjamine ba kgathala matla, hobane ba ile ba bona hore koduwa e ba wetse hodimo.