Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.
Joshua 8:10 - BIBELE Joshua a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bokella bahlabani, a nyolohela Ai; yena le baholo ba Iseraele ba eteletse bahlabani pele. Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a tsoha e sa le ka meso, a hlahloba setjhaba, mme a nyolohela Ai, a ena le baholo ba Iseraele, a eteletse setjhaba pele. |
Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.
Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.
Joshua a tsoha ka madungwadungwana, a atametsa Baiseraele ka merabe ya bona, mme merabe wa Juda wa kgethwa.
Bahlabani bohle ba neng ba ena le yena ba nyoloha, ba atamela motse, ba ba ba fihla kapele ho wona. Ba hloma ka leboya ho Ai, kgohlo ya eba pakeng tsa bona le motse.
Joshua a ba romela jwalo. Ba ya moo ba tla lalla teng, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai. Empa Joshua yena a hlola bosiu boo le bahlabani ba bang.