Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”
Joshua 7:10 - BIBELE Morena a re ho Joshua: “Ema! Ke hobaneng ha o itihela fatshe ka sefahleho? Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Joshua: Tsoha; o itabanyeditseng jwalo ka sefahleho? |
Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”
Morena a re ho Moshe: “Ke hobaneng o ntseng o ipiletsa ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.
Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona.
Ha Bakanana, le baahi bohle ba naha ena ba utlwa, ba tla re dikanela, ba re fedise lefatsheng. Lebitso lee la hao le leholo, o tla le etsetsa eng?”
Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.
Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”