Baiseraele ba entse sebe; ba tlotse selekane sa ka seo ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsweng anathema; ba utswitse, hape ba patile, hapehape ba kentse dintho tseo diphahlong tsa bona.
Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?
Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.
Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.