Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Baiseraele ba entse sebe; ba tlotse selekane sa ka seo ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsweng anathema; ba utswitse, hape ba patile, hapehape ba kentse dintho tseo diphahlong tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Baiseraele ba entse sebe, ba bile ba robile selekane sa ka, seo ke ba laetseng sona. Ba nkile le dintho tse rohakehileng; ba di utswitse, ba di patile, ba di kentse hara thepa ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:11
24 Referencias Cruzadas  

e le kahobane ba sa ka ba utlwa lentswe le Jehova, Modimo wa bona, ba mpa ba tlola selekane sa hae sa tsohle tseo Moshe, mohlanka wa hae a neng a di laetse, ba se ke ba utlwa, ba se ke ba etsa.


Ha ba fihla leralleng, a di nka matsohong a bona, a di pata ka tlung, a ntoo kgutlisa banna bao, ba itsamaela.


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.


Empa bona ba tlola selekane jwaloka Adama; mona Bethele, ba nkentse ka bolotsana.


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


ditjhaba tseo kaofela na di ke ke tsa etsa papiso hodima hae, le pina ya sesomo, le dilotho na? Mme ho tla thwe: Ho madimabe ya ipokellelang seo e seng sa hae, ... o tla nne a etse jwalo ho le hokae? ... ya ipelesang ka tse amohilweng!


Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.


Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.


Petrose a re ho yena: Le dumellane jwang ho leka Moya wa Morena na? Bona, maoto a ba epetseng monna wa hao e se e le ao monyako, mme le wena ba se ba tla o nka.


Ha ho fumanwa ha eno, motseng o mong wa eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o nea yona, monna, kapa mosadi ya etsang bobe pela Jehova, Modimo wa hao, ka ho tlola selekane sa hae;


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.


Yaba Jehova o re ho Joshua: Tsoha; o itabanyeditseng jwalo ka sefahleho?


Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Ebile Saule o re: Lona bohle balaodi ba setjhaba, atamelang mona, le tle le tsebe, mme le bone bobe na ke bofe bo entsweng kajeno;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos