Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong.
Joshua 4:4 - BIBELE Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Joshua o bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, bao a ba kgethileng hara bana ba Iseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng. |
Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong.
“Kgethang banna ba leshome le metso e mmedi, morabeng o mong le o mong le kgethe monna a le mong.
Le ba laele, le re: ‘Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona.’ ”
Joshua a re ho bona: “Fetelang kapele ho areka ya Morena Modimo wa lona, le ye bohareng ba Jorodane. Monna e mong le e mong a nke lejwe le le leng, ho ya ka palo ya merabe ya bana ba Iseraele, a le jare ka lehetla.