Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:5 - BIBELE

5 Joshua a re ho bona: “Fetelang kapele ho areka ya Morena Modimo wa lona, le ye bohareng ba Jorodane. Monna e mong le e mong a nke lejwe le le leng, ho ya ka palo ya merabe ya bana ba Iseraele, a le jare ka lehetla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Joshua a re ho bona: Etellang areka ya Jehova, Modimo wa lona, pele kahare ho Jordane, mme monna e mong le e mong a nke lejwe teng, a le jare lehetleng, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:5
7 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho bana babo: “Bokellang majwe!” Ba nka majwe ba etsa qubu, mme ba jella qubung eo.


Moshe a ngola mantswe wohle a Morena. A tsoha ka madungwadungwana, a haha aletare mosikong wa thaba, a hloma difika tsa kgopotso tse leshome le metso e mmedi, ho ya ka meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.


Mohla letsatsi leo ka lona le tshelang Jorodane, le kenang naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le hlome majwe a maholo, le a dile ka phepa.


“Mamela, wena Iseraele. Kajeno o tla tshela Jorodane, o yo hlola ditjhaba tse kgolo, tse o fetang ke matla, tse nang le metse e meholo ya diqhobosheane tse fihlang marung.


Ha ba fihla seterekeng sa Jorodane, se naheng ya Kanana, bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba haha aletare e kgolo moo, hodima lebopo la Jorodane.


Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong.


Majwe ana e tla ba kgopotso hara lona ka mehla e tlang. Ha bana ba lona ba le botsa, ba re: ‘Majwe aa a bolelang?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos