Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”
Joshua 4:3 - BIBELE Le ba laele, le re: ‘Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) le ba laele, le re: Itholleng mona, kahare ho Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sataletse, majwe a leshome le metso e mmedi; le ye le wona, mme le a bee moo le tla emisa ka bosiu bona. |
Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”
Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.”
Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”
Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong.
Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Joshua a ba laetse. Ba nka majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, ho ya ka merabe ya bona jwalokaha Morena a ne a ile a bua ho Joshua. Ba tshela ba a nkile ho ya moo ba neng ba tla robaletsa teng, ba a bea hona moo.
Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”