Bana ke bona ba neng ba tshele noka ya Jorodane, ka kgwedi ya pele, ha noka eo e ne e eja ditlhokwa. Ba leleka bohle ba phelang ka kgohlong, ba ka botjhabela le ka bophirimela.
Joshua 4:18 - BIBELE Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele. Sesotho 1909/1961 (SO) Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane. |
Bana ke bona ba neng ba tshele noka ya Jorodane, ka kgwedi ya pele, ha noka eo e ne e eja ditlhokwa. Ba leleka bohle ba phelang ka kgohlong, ba ka botjhabela le ka bophirimela.
Metsi a tla feta hara naha ya Juda, a phutsalle, a aparele hohle, a kokomohe, a fihle molaleng. Noka e tla thathalatsa mapheo a yona, a kwahele naha ya hao ka bophara ba yona, wena Emanuele!”
Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”
Yare feela ha ba jereng areka ba fihla Jorodane, mme maoto a baprista ba jereng areka a thetsa mola wa metsi — Jorodane e ja meduwane ka nako yohle ya ha ho kotulwa —
Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba.
Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko.