“Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”
Joshua 3:12 - BIBELE Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale ikgetheleng banna ba leshome le metso e mmedi melokong ya Baiseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng. |
“Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”
Etlare ha baprista ba jereng areka ya Morena, Morena wa lefatshe lohle, ba hata metsi a Jorodane, metsi ao a Jorodane a tla arohana ka lehare. Metsi a phallelang tlase, a etswa hodimo ho noka, a tla ema a ikentse lekaka.”
“Kgethang banna ba leshome le metso e mmedi, morabeng o mong le o mong le kgethe monna a le mong.
Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, ba kgethilweng hara bana ba Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethilwe monna a le mong.
Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.