Joshua 24:22 - BIBELE Joshua a boela a re ho setjhaba: “Lona, ka bolona, le a ipakela hore le ikgethetse ho sebeletsa Morena!” Sa re: “E, re dipaki!” Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a re ho setjhaba: Ho ipaketse lona hore le ikgethetse Jehova ho mo sebeletsa. Ba re: Ho ipaketse rona. |
empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.”
“A re ho yena: ‘Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala!
Kajeno o ikanetse hore Morena e tla ba Modimo wa hao, le hore o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le ditemoso tsa hae, mme o mamele lentswe la hae.