Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:23 - BIBELE

23 Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:23
16 Referencias Cruzadas  

Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.


A ke a sokollele dipelo tsa rona ho yena, re tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, re boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bo-ntata rona.


Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao, ho ena le ho rata maruo.


pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.


Ho se be le modimo osele haeno, o se kgumamele modimo wa baditjhaba.


Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.


wa sekehela bohlale tsebe, pelo ya hao ya labalabela ho ba le kutlwisiso;


Ekaba Efraime o sa tla etsang ka medingwana? Ke mo utlwile, ke tla be ke mo lebele. Nna ke ka sefate sa kipere, fate se setalana, ke ka thuso ya ka o behang ditholwana.”


“Ka baka leo he, tshabang Morena, le mo sebeletse ka botshepehi le ka nnete, le furalle medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, leha ba le Egepeta, mme lona le sebeletse Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos