Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:23
16 Referencias Cruzadas  

Jehova Modimo wa rona, ha a ke a be le rona, jwalokaha a bile le bontata rona; a se ke a re tlohela, a se ke a re furalla;


hore a lebisetse pelo tsa rona ho yena, re tsamaye ka tsela tsa hae tsohle, mme re boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bontata rona.


Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.


O se ke wa leseletsa pelo ya ka ho sekamela bobe, ke se ke ka etsa tse mpe ka lonya le ba sebetsang bokgopo, ke se ke ka latswa menate ya bona.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta. Ahlamisa molomo wa hao, mme ke tla o tlatsa!


Le se ka la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta ho e bapisa le nna; le se ke la iketsetsa yona.


o e sekehela tsebe, mme o lebisa pelo ya hao kutlwisisong,


Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna.


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos