Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.
Joshua 24:10 - BIBELE Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mpa ka hana ho utlwa Balaame; yaba o a le hlohonolofatsa; ka le namolela jwalo matsohong a hae. |
Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.
Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”
Lengeloi la Morena la re ho Bileame: “Tsamaya le banna bana, feela o yo bolela seo ke tla o bolella sona.” Bileame a tsamaya le mahosana a Balake.
Empa Morena Modimo wa lona, ha a a ka a namela Bileame, mme Morena Modimo wa lona, o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso ho lona, hobane Morena Modimo wa lona, a ne a le rata.
“ ‘La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona.