a re ho bona: “Le bolokile tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a le laetseng tsona; le nna le mametse lentswe la ka dinthong tsohle tseo ke le laetseng tsona.
Joshua 22:3 - BIBELE Ka nako e telele ena, ho fihlela kajeno, ha le eso lahle bana babo lona, empa le bolokile taelo ya Morena Modimo wa lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le a ka la tlohela banababo lona tshiung tsena tse ngata ho fihlela kajeno; le bolokile tse tshwanetseng ho bolokwa, e leng molao wa Jehova, Modimo wa lona. |
a re ho bona: “Le bolokile tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a le laetseng tsona; le nna le mametse lentswe la ka dinthong tsohle tseo ke le laetseng tsona.
Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.