Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:4 - BIBELE

4 Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:4
16 Referencias Cruzadas  

“Ha ke re Morena Modimo wa lona, o na le lona? Ha ke re o le neile kgotso kahohle? O neelane ka baahi ba naha ena matsohong a ka, mme naha ena e buswa ke Morena le setjhaba sa hae.


Morena a re: “Nna, ka sebele sa ka, ke tla tsamaya le wena, ke yo o phomotsa.”


Re ke ke ra kgutlela malapeng a rona ho fihlela bana ba Iseraele bohle ba fumana lefa la bona.


hobane ha le eso ka le kena phomolong, le amohela lefa leo Morena, Modimo wa lona, a le neang lona.


Ra hapa naha ya bona, mme ra e nea ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, e le lefa.


Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona.’


Hoja Joshua o ne a ile a fela a ba phomotsa, hamorao Modimo a ka be a sa ka a bolela letsatsi le leng hape.


Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”


Moshe, mohlanka wa Morena, a ena le bana ba Iseraele, ba bolaya dikgosi tseo, mme Moshe, mohlanka wa Morena, a nea ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, naha eo, hore e be lefa la bona.


Moshe a abela bana ba morabe wa Rubene naha, ho ya ka malapa abo bona.


Karolo e nngwe ya morabe wa Manase, le morabe wa Rubene, le morabe wa Gade, e ne e se e amohetse lefa la naha, leo Moshe a e abetseng lona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ile a ba abela lona.


Ka nako e telele ena, ho fihlela kajeno, ha le eso lahle bana babo lona, empa le bolokile taelo ya Morena Modimo wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos