Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:4
16 Referencias Cruzadas  

Na Jehova, Modimo wa lona, ha a na le lona na? Hape, na ha a ka a le fa phomolo ka nqa tsohle na? Hobane o fela a neile baahi ba lefatshe matsohong a ka, mme lefatshe le kokobeditswe pela Jehova le pela setjhaba sa hae.


Jehova a re: Sefahleho sa ka se tla ya, mme ke tla o phomotsa.


Re ke ke ra kgutlela matlung a rona, bana ba Iseraele ba eso ho rue e mong le e mong lefa la hae;


Hobane le jwale ha le eso ho kene phomolong le lefeng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.


ra nka naha ya bona, ra e nea Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, e be lefa la bona.


ho fihlela mohla Jehova a neileng banababo lona phomolo, jwalokaha a le neile, le bona ba tle ba rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a ba neang lona mose wane ho Jordane; ke hona le tla kgutlela e mong le e mong lefeng leo ke le neileng lona.


Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi.


Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.


Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.


Moshe o ne a se a abetse leloko la bana ba Rubene lefa, ka matlo a bona.


Haele Barubene, le Bagade, le mothapo o mong wa Manasse, ba nkile lefa leo Moshe a neng a ba neile lona mose wane wa Jordane, nqa botjhabela, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a ba neile;


Ha le a ka la tlohela banababo lona tshiung tsena tse ngata ho fihlela kajeno; le bolokile tse tshwanetseng ho bolokwa, e leng molao wa Jehova, Modimo wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos