La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 22:10 - BIBELE

Ha ba fihla seterekeng sa Jorodane, se naheng ya Kanana, bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba haha aletare e kgolo moo, hodima lebopo la Jorodane.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha ba fihla lebopong la Jordane, moeding wa naha ya Kanana, teng ba haha aletare pela Jordane, aletare e kgolo, e bonahalang.

Ver Capítulo



Joshua 22:10
10 Referencias Cruzadas  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.


Jakobo a tsoha ka madungwadungwana, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le hloma hore e be mokolokotwane, a le tshela ka ole.


Mohla tsatsi leo, kahara naha ya Egepeta ho tla ba le aletare ya Morena, mme moeding wa yona ho be le sefika sa Morena.


Bana ba bang ba Iseraele ba utlwa ho thwe: “Helang! bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba hahile aletare Gelelote, seterekeng sa Jorodane, lehlakoreng le ka ho bana ba Iseraele.”


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.