Joshua 21:8 - BIBELE Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona ka lotho, jwalokaha Morena a ne a laetse ka molomo wa Moshe. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke wona mokgwa oo bana ba Iseraele ba laoletsweng Balevi ka wona metse eo le meraka ya yona, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe. |
Ho rohakwe bohale ba bona, hobane bo ne bo tshabeha; le kgalefo ya bona, hobane e ne e se na mohau! Ke tla ba qhalakanya hara bana ba Jakobo, ke ba hasanye hara fatshe la Iseraele.
Bara ba Gade le bara ba Rubene ba fihla ho Moshe le ho moprista Eleasare, le ho baholo ba setjhaba, ba re:
Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.
“Metse ena ba tla aha ho yona, mme makgulo a e potapotileng e tla ba a dikgomo tsa bona, le a maruo wohle a bona, le a diphoofolo tsohle tsa bona.
Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona.
Ho ya ka taelo ya Morena, bana ba Iseraele ba nea Balevi metse ena e naheng ya bona, mmoho le makgulo a yona.
Bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, ba abelwa metse e leshome le metso e mmedi, e tswang ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho ba morabe wa Sebulone.
Metseng ya morabe wa bana ba Juda, le metseng ya morabe wa bana ba Simeone, Balevi ba abelwa metse ena, e bolelwang ka mabitso.