Shemere mora wa Mahele, Mahele mora wa Mushi, Mushi mora wa Merari, Merari mora wa Levi.
Joshua 21:27 - BIBELE Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase bana ba Gereshone, ba malapa a Balevi, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Golane e Bashane le makgulo a yona, le Beshetera le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Gershone ba matlo a Balevi ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane, naheng ya Bashane, le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Beeshthra le meraka ya wona: metse e mmedi. |
Shemere mora wa Mahele, Mahele mora wa Mushi, Mushi mora wa Merari, Merari mora wa Levi.
Ba morabe wa Gereshone ba abelwa metse ena: Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Golane e Bashane le makgulo a yona, le Ashetorate le makgulo a yona.
Hoba a hlole Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote, mane Ederei,
Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.
Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane.
Metse yohle e ileng ya abelwa malapa a bana ba bang ba Kohate e ne e le metse e leshome le makgulo a yona.
Naheng ya morabe wa Isakare ba abelwa Kishione le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,
Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.