Joshua 21:25 - BIBELE Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase ba abelwa Taanake le makgulo a yona, le Gade-Rimone le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Mothapong wa leloko la Manasse ke Thaanake le meraka ya wona, le Gathe-Rimmone le meraka ya wona: metse e mmedi. |
Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.
Metse yohle e ileng ya abelwa malapa a bana ba bang ba Kohate e ne e le metse e leshome le makgulo a yona.
“Dikgosi tsa fihla tsa lwana, dikgosi tsa Kanana tsa lwana di le Taanake, di le Taanake pela metsi a Megido, empa ha di a ka tsa hapa silefera.