Joshua 21:22 - BIBELE le Kibesaime le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Sesotho 1909/1961 (SO) le Kibtsaime le meraka ya wona, le Bethe-Horone le meraka ya wona: metse e mene. |
Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.
Moedi wa theohela bophirimela, ho ya fihla naheng ya Bajafelete, le moeding wa Bete-Horone e tlase, le ho ya fihla Gesere, wa ya fella lewatleng.
Moedi wa naha ya bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona, ya eba ona: Ka botjhabela moedi wa naha ya bona o ne o tloha Atarote-Adare, o ya fihla Bete-Horone e hodimo.
Ba ba abela motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona,
Naheng ya morabe wa Dane ba abelwa Eleteke le makgulo a yona, le Gibetone le makgulo a yona,