La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 20:9 - BIBELE

Ena ke yona metse e ileng ya kgethelwa bana bohle ba Iseraele, le bajaki ba jakileng hara bona. Ho yona ho tla balehela mang kapa mang ya ka bolayang motho e se ka morero, hore a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, ho fihlela mmolai a emiswa kapele ho phutheho.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke yona metse e beetsweng bana ba Iseraele bohle le baditjhaba ba jakileng hara bona, e le hore e mong le e mong ya bolaileng motho, a sa etse ka boomo, a tshabele teng, a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, a eso ho hlahe pela phutheho.

Ver Capítulo



Joshua 20:9
5 Referencias Cruzadas  

Metse ena e tsheletseng, eo le tla e aba, e tla ba metse eo le tla tshabela ho yona.


Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng.’ ”


“ ‘Motho eo o tla tshabela ho o mong wa metse eo, a eme monyakong wa motse, a bolelle baholo ba motse ditaba tsa hae. Bona ba tla mo kenya ka motseng, ba mo nee sebaka, hore a phele le bona.


O tla phela motseng oo ho fihlela a emiswa kapele ho phutheho hore e mo ahlole, le ho fihlela eo e leng Moprista e Moholo nakong eo a eshwa. Jwale mmolai a ka kgutlela motseng wa habo, le tlung ya hae, moo a neng a balehe teng.’ ”


Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane.