E ile yare ka nako eo ho kwalwang monyako wa lerako la motse ka yona, ha ho se ho le lefifi, banna bao ba tsamaya, ha ke tsebe hore na ba lebile kae; ba potlakeleng kapele, le tla ba tshwara.”
Etsware, ha ho kwalwa monyako wa motse ka shwalane, banna bao ba tswile; ha ke tsebe moo banna bao ba ileng teng. Ba phalleleng kapele, hobane le tla ba tshwara.
Eitse ha meriti ya mantsiboya e kwahela menyako Jerusalema, Sabatha se eso qalehe, ka laela hore menyako e kwalwe, mme e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela Sabatha se feta. Ka re ba bang ba bahlanka ba ka ba lebele menyako, hore ho se be letho le ka kenngwang ka letsatsi la Sabatha.
Kgoro tsa hao di tla dula di ntse di butswe, ha di ka ke tsa kwalwa motsheare le bosiu, batho ba o tlisetse maruo, maruo a baditjhaba, dikgosi tsa bona di tla di entse mokoloko.
Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”
Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”
Mosadi eo a nka banna bao ba babedi, a ba pata, mme a re: “Ke nnete, banna ba babedi ba ile ba fihla mona ho nna, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tswang teng.