Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.
Joshua 2:17 - BIBELE Jwale banna bao ba re ho yena: “Re tla be re lokolohile kanong ena eo o re hlapantshitseng yona haese ha u ka etsa tjena: Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba banna ba re ho yena: Re tla lokoloha kanong ena ya hao eo o re antshitseng ka yona. |
Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.
“O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso la hae.
Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae.
Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena.
Feela haeba o ka bolela taba ena ya rona, re tla be re lokolohile kanong ena eo o re hlapantshitseng yona.”