Davida a utlwa a nyorilwe, a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”
Joshua 19:15 - BIBELE Metse e ne e le Katate, le Nahalole, le Shimerone, le Jidala, le Betlelehema; e le metse e leshome le metso e mmedi, le metsana ya yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ke Katthathe, Nahalale, Shimrone, Jideala, le Bethlehema: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona. |
Davida a utlwa a nyorilwe, a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”
Ha Jabine, kgosi ya Hasore, a utlwa ditaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe, kgosi ya Madone, le ho kgosi ya Shimerone, le kgosi ya Akashafe.
Ena ke naha ya bana ba Sebulone, le metse ena le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Ba morabe wa Sebulone ba se ke ba leleka baahi ba Kiterone, le baahi ba Nahalole. Bakanana ba aha hara bona, mme ya eba makgoba.
Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.
Ba tsamaya bobedi ba bona, ba ba ba ya fihla Betlelehema. Ha ba se ba fihlile Betlelehema, batho bohle ba motse ba ba bokanela, basadi ba kgotsa, ba re: “Na eo ke Naomi?”