Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,
Joshua 19:12 - BIBELE Ho tloha Saride o thinyetse ka botjhabela, o yo fihla moeding wa Kiselote-Tabore, ebe o fetela Daberate, o nyolohele Jafia. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia; |
Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,
Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.
Moedi wa bona o ne o nyoloha ka bophirimela ho ya fihla Marala, le ho ya fihla Dabeshete, le ho ya fihla molatswaneng o ka botjhabela ho Jokoneame.
Ho tloha moo o fetele nqa botjhabela, ho ya Gate-Hefere, le Itakasine; ebe o fetela Rimone-Metware, o yo fihla Nea.
Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.
Naheng ya morabe wa Isakare ba abelwa Kishione le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,
A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.