Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.
Joshua 18:2 - BIBELE Hara bana ba Iseraele ho ne ho setse merabe e supileng, e neng e eso ka e abelwa lefa la yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ho ne ho setse meloko e supileng ya bana ba Iseraele e esong ho abelwe mafa a yona. |
Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.
Yaba Joshua o re ho bana ba Iseraele: “Le tla dikadika ho le hokae ho ya, le ya hapa naha eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neileng yona?