Joshua 18:11 - BIBELE Ba morabe wa Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, lotho la ba abela naha e pakeng tsa bana ba Juda le bana ba Josefa. Sesotho 1909/1961 (SO) Kabelo e laoletsweng leloko la bana ba Benjamine ya eba ka matlo a bona; naha eo ba e laoletsweng ya eba mahareng a bana ba Juda le bana ba Josefa. |
A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.
“Merabeng e meng e setseng, Benjamine o tla ba le karolo e le nngwe ya naha, ho tloha botjhabela ho ya bophirimela.
“Haeba motseng o mong wa metse ya heno, oo Morena Modimo wa hao, a o neileng wona hore o ahe ho wona, o ka utlwa monyenyetsi o reng:
Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.
Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene.