Joshua 17:8 - BIBELE Naha ya Tapua e ne e le ya Manase, athe motse wa Tapua o neng o le moeding wa Manase, wona e ne e le wa bana ba Efraime. Sesotho 1909/1961 (SO) Manasse a fuwa naha ya Thappua, empa Thappua, naheng ya Manasse, ke wa bana ba Efraime. |
Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona;
Moedi wa naha ya Manase o ne o tloha Ashere ho ya fihla Mikemetate, ka botjhabela ho Shekeme, ebe o thinyetsa ka letsohong le letona ho leba naheng ya baahi ba Ene-Tapua.