Ka borwa e ne e le ha Efraime, ka leboya e le ha Manase, lewatle e le moedi wa bona. Ka leboya moedi o ne o fihla Ashere, ka botjhabela o fihla ha Isakare.
Nqa borwa naha ke ya Efraime, nqa leboya ke ya Manasse, mme lewatle ke moedi wa bona; moedi o teana le wa Asere nqa leboya, le wa Issaskare nqa botjhabela.
Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.
Moedi wa theosa ho ya fihla molatswaneng wa Kana. Metse e ka borwa ho molatswana oo, e hara metse ya Manase, yona e ne e le ya Efraime. Moedi wa naha ya Manase o ne o le ka leboya ho molatswana oo, o ilo fella lewatleng.