Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.
Joshua 15:3 - BIBELE Ho tloha moo o lebe ka borwa ho moepa wa Akarabime, o fetele Sine, o yo nyoloha ka borwa ho Kadeshe-Barenea, o fete pela Heserone, o nyolohele Adare, o nto thinyetsa Karaka. Sesotho 1909/1961 (SO) ho ya fihla nqa borwa moepeng wa Akrabbime, ho tla Tsine; ka nqa borwa o nyolosetsa Kadeshe-Barnea, le ho tla Hetsrone, le ho nyolosetsa Addare, le ho pota Karkaa; |
Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.
Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.
Bo-ntata lona ba ne ba etse jwalo ha ke ba roma ke le Kadeshe-Barenea, ho ya bona naha.
Jwale o tla thinyetsa ka borwa ho moepa wa Lekgalo la Akarabime, o fete Sine, o yo fella ka borwa ho Kadeshe-Barenea; o lebe Hasara-Adare, mme o yo feta Asamone.
Ka borwa moedi wa bona o ne o tloha qetheng ya karolo ya Lewatle la Letswai, koung e shebileng borwa.
Jwale moedi ona o fete pela Asamone, o nyolose ka molatswana wa Egepeta, ebe o ilo fella lewatleng. Ona e tla ba wona moedi wa bona ka borwa.