Joshua 15:21 - BIBELE Karolong ya naha ya morabe wa bana ba Juda, metse e holehole ho ya moeding wa Edomo, ka borwa, e ne e le Kabeseele, le Edere, le Jagure, Sesotho 1909/1961 (SO) Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure; |
Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng ya etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya banna ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.
Ba bang ba ditloholo tsa Juda ba ne ba ahile metseng le mathokong a yona, e leng Kiriate-Areba le metsaneng ya yona, le Dibone le metsaneng ya yona, le Jekabesele le metsaneng ya yona,
le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.
Jwale ha tswa lotho la bobedi, la bana ba morabe wa Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Naha ya bona e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.