Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai.
Joshua 15:2 - BIBELE Ka borwa moedi wa bona o ne o tloha qetheng ya karolo ya Lewatle la Letswai, koung e shebileng borwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa, |
Dikgosi tsena kaofela tsa kopanya mabotho, phuleng ya Sidime, e leng Lewatleng la Letswai.
Morena o tla pshesa kou ya watle la Egepeta, tsoho la hae le fokise moya o tjhesang hodima Noka, Noka eo a e arole melatswana e supileng, batho ba e tshele ba ntse ba rwetse meqathatso.
“Ka botjhabela moedi o tla tloha pakeng tsa Haurane le Damaseka, o ikgohle ka Jorodane, pakeng tsa Gileade le naha ya Iseraele, o yo fihla lewatleng le ka botjhabela, o fihle le Tamare. Ona e tla ba wona moedi o ka botjhabela.
Yaba o re ho nna: “Metsi ana a phallela botjhabela, a theohele kgohlong ya Jorodane, a yo kena Lewatleng la Letswai. Hoba a kene lewatle, a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka.
“ ‘Ka borwa moedi wa lona o tla tloha lehwatateng la Sine, o ikgohle ka moedi wa Edomo. O tla tloha ka botjhabela moo Lewatle la Letswai le fellang teng.
Naha eo bana ba morabe wa Juda, ho ya ka malapa abo bona, ba ileng ba e abelwa ka lotho, e ne e fihla moeding wa Edomo, le ho ya fihla ka borwa ho lehwatata la Sine, qetheng ya karolo e ka borwa.
Ho tloha moo o lebe ka borwa ho moepa wa Akarabime, o fetele Sine, o yo nyoloha ka borwa ho Kadeshe-Barenea, o fete pela Heserone, o nyolohele Adare, o nto thinyetsa Karaka.
metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.