Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.
Joshua 14:5 - BIBELE Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba aba naha. Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, mme ba arolelana naha. |
Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.
Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.
Tsa bua le bona ba le Shilo, naheng ya Kanana, tsa re: “Morena o ile a laela ka molomo wa Moshe, hore re newe metse eo re tla phela ho yona, le makgulo a yona, moo dikgomo tsa rona di tla fula teng.”